MATSHWAO: 70
Memorandamo ona o e na le maqephe a 7.
PAMPIRI YA 1 (P1)
MEMORANDAMO
KEREITE YA 12
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
TEMA YA 1
Ka mora boikwetliso ba Dispringbok/letsatsi pele ho papadi ya bona/Letsatsi pele ba kopana le Australia/thapama/Ka la 25 Motsheanong 2005. 
Homela sheba feela tse hlahang temeng 
Ke ho kgothalletsa babadi ho ba le moya wa poelano kapa ho kgothalletsa babadi ho ba le lerato la papadi ya rugby kapa ho phahamisa dibapadi tsa Dispringbok. /Ho fedisa kgethollo ya merabe/Ho bontsha hore Maporesident Mandela o ne a kopanya merabe e fapaneng. 
O ne a ilo kgothatsa le ho tshehetsa sehlopha/Batho ba be le moya wa poelano ho tshehetsa le ho kgothatsa sehlopha sa Dispringbok. 
Ho tla ba hobe/ho tla dubeha/ho tla ba moferefere./Ho tla nkga ho sa bola/Ho se ngwana e motle./Ho tla ba thata/Ho tla senyeha. 
Re a le tshehetsa/Ho ba thusa. 
E ne e le mohopolo feela v hobane o ne a se na bonnete ba ho re dihlopha tse ding di tla bapala jwang. /hobane seo ho buwang ka sona ha se so etsahale.vv (Ela hloko:Moithuti ha a ka ngola karabo e fosahetse empa lebaka e le le ngotsweng, o fositse potso eo kaofela)
Di tsosa moya wa poulelo le wa ho tsotella dihlopha (batho) tsohle ka hara naha. v Tema e bontsha ka moo moporesidente a ileng a kgathalla sehlopha seo boholo e neng e le sa Makgowa a se bontsha hore ke karolo ya naha le sona. vv phedisano setjhabeng (Motshwayi a shebe moelelo o teng karabong)
E, di a e ama v. Ho bolelwa hore Dispringbok e ne e le sehlopha sa Makgowa feela ntle le motho e motsho a le mong to, naheng eo boholo ba baahi e leng batho ba batsho. vv (Moithuti a ka nna a re, ho jwalo/ke nnete) Lebaka le leng mohlahlobuwa a ka re Moporesidente a ba hopotsa hore naha ena key a rona bohle.
TEMA YA 2
Di fapana ka boholo vv le mmala ka sebopeho vv Setshelo se seng se tshetse low fat ha e nngwe se sa ngolwa low fat/Setshelo se seng se ngotswe ka mongolo o moholo ha se seng se ngotswe ka mongolo o monyane.
Kgetha e le nngwe feela
E ka letsohong le letshehadi
E ka letsohong le letona
E nnyane mme e tshwareha ha bonolo. 
E kgolo mme moreki a ka nwa e ngata
E bobebe
Ha e na mafura a nontshang. 
Mongolo ke o moholo, o a baleha
E ka nowa ke batho ba bangata
E na le mafura.
E ka sebedisetswa mesebetsi e meng hape
E a matlafatsa
E a matlafatsa
E ka sebedisetswa mesebetsi e meng hape
E ka sebedisetswa mesebetsi e meng hape
Kgetha tse lekanang matshao feela
Ho kgothalletsa bareki ho reka sehlahiswa sena./Ho hohela bareki/ho rekisetsa/fihlella bareki ba fapaneng. 
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Thabo o ne a apere hantle mohla nyewe yahae le mosadi wa hae Maleshwane. Maleshwane le bana ba ne ba apare diaparo tse tswapohileng. Thabo o ne a shebuwe hampe ke batho bohle ba neng ba le ka lekgotleng la dinyewe. Maleshwane o ile a bolella lekgotla hore Thabo o lonya ha a rekele bana dijo. Mokomishenara o ile a re bopaki boo Maleshwane a faneng ka bona ke ba nnete. Mokomishenara o ile a diha nyewe. Thabo o lokela ho lefa diranta tse lekgolo ka kgwedi.
Ela Hloko : (Mohlahlubuwa a ka re Thabo o itse o ne a jele koto mohla letsatsi la nyewe...)
Palo ya mantswe = 91
Kabo ya matshwao: 1. Matshwao a dintlha tse supileng
Tshebediso ya puo
Ho se fokotswe letshwao le leng matshwaong ohle ao mohlahlobuwa a a fumaneng (dintlheng tse supileng le puo) bakeng sa ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e fosahetse.
Sebopeho seo mohlahlobuwa a ngotseng ka sona a se nkele matshwao, ha a ngotse ka dintlha kapa seratswana.
Mohlahlobuwa a se tingwe matshwao bakeng sa ho se sebedise mantswe a hae.
Puo
ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 1 - 3, a abelwe letshwao le 1 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 4 - 5, a abelwe matshwao 2 bakeng sa puo ha mohlahlobuwa a hlahisitse dintlha tse 6 - 7, a abelwe matshwao a 3 bakeng sa puo.
Kgutsufatso e fetang ka mantswe a 5, e se tswele pele ho tshwauwa ho hang;
Kgutsufatso e kgutshwane empa e fupere dintlha tse hlokehang e tshwauwe, mme mohlahlobuwa a se nehwe kotlo;
Tshebediso ya puo e nang le diphoso (tshebediso e fosahetseng ya puo, ya mopeleto le ya matshwao a puo) ho fokotswe matshwao ka tsela ena:
diphoso tse 0 - 4
ho se nkuwe matshwao diphoso tse 5 - 10
ho fokotswe letshwao le 1
diphoso tse 11 - 15
ho fokotswe matshwao a 2
diphoso tse 16 le ho feta ho fokotswe matshwao a 3
Bakeng sa ho qotsa le ho sebedisa dipolelo tse feletseng jwalo ka ha di le jwalo ho tswa temeng, mohlahlobuwa a fokoletswe matshwaong ohle ao a a fumaneng ka tsela ena:
dipolelo tse 0 - 3
ho se nkuwe matshwao dipolelo tse 4 - 5
ho fokotswe letshwao le 1
dipolelo tse 6 - 7
ho fokotswe matshwao a 2
ELA HLOKO:
Ha motshwayi a tshwaya, a bontshe diphoso (tsa puo,mopeleto, ho arohanngwa/ho kopanngwa ha mantswe) tse entsweng ke mohlahluobuwa ka ho di sehella mola ka tlase. Ha mohlahlobuwa a nepile, motshwayi a bontshe ka ho etsa letshwao la ho nepa (v), mme ha a fositse a bontshe ka sekere (X).
ELA HLOKO: Mohlahlobuwa a se ngole dikgutsufatso tsa mantswe ntle le haeba dikgutsufatso tseo di ne di hlahisitswe temeng. Maemong a jwalo, kgutsufatso e balwe jwalo ka lentswe le feletseng.
Qetellong, ha motshwayi a se a tshwaile a bontshe kabo ya matshwao ka ho sebedisa sekala sena se latelang:
Dintlha tse tadingwang
Matshwao
Senotlolo
Dintlha
Tshebediso ya puo
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
Lehloyo/lehloo v ho bonahala lehloyo e le lona le renang dipakeng tsa batho bana. v (le ha mohlahlobuwa a sebedisitse lentswe 'lehloyo' polelong ka tsela e nepahetseng a fuwe matshwao a mabedi) Ela hloko polelo e be e mohlahlobuwa a ipopetseng yona.
Lerato le fokolang le moyafala hang ha le fihla mohoding o teteaneng. 
Taba eo ha e fihla ho/ha moruti ya hla ya baka pherakano e kgolo.
Bohlanya le bokako di thibelwa/thijelwa ke melao e metjha naheng ena.
Bohlanya le bokako naheng ena di thibelwa/thijelwa ke melao e metjha. 
Ke lenyalo lefe le tjhetjhiswang anthe mohlankana ke eo o kwenehetswe ke morwetsana.?
Karohano/ho arohana
Ho bonahala ho na le karohano dipakeng tsa Lucie le Rasello. (le ha mohlahlobuwa a sebedisitse lentswe 'karohano/ho arohana' polelong ka tsela e nepahetseng a fuwe matshwao a mabedi) Ela hloko polelo e be e mohlahlobuwa a ipopetseng yona mme ho arohanya motshwayi a hlokomele hore e sebediswe jwalo ka lebitso .
Kgoeletso/ho hoeletsa
Kgoeletso e etswa makgetlo pele ho lenyalo la baratani. (le ha mohlahlobuwa a sebedisitse lentswe 'kgoeletso/ho hoeletsa polelong ka tsela e nepahetseng a fuwe matshwao a mabedi) Ela hloko polelo e be e mohlahlobuwa a ipopetseng yona mme ho arohanya motshwayi a hlokomele hore e sebediswe jwalo ka lebitso. Motshwayi a hlokomele mopelete wa kgoeletso e seng kgweeletso 
Boitlamo le dikano tseleng ya lerato ha se ntho tse fetang jwalo ka mohodi feela. 
Boitlamo le dikano tseleng ya lerato ke ntho tse sa feteng jwalo ka mohodi feela
Ha se lengolo le kopang moruti hore a mpe a busetse lenyalo la Lucie le Rasello morao.
kapa
Ke lengolo le kopang moruti hore a mpe a se busetse lenyalo la Lucie le Rasello morao.
kapa
Motshwayi a hlokomele hore mohlahlobuwa a ka ngola 'hase' mona mme a abelwe letshwao le le leng.
Mookgo /meokgo
Rasello o lla ka ntshi mme mookgo/meokgo ha o/e tswe. 
Motshwayi a fane ka matshwao a mabedi ha mohlahlobuwa a sebedisitse lentswe 'meokgo' polelong.Ela hloko mopeleto wa lentswe 'mookgo' o nepahale e seng 'mokgo'
Moruti o amohetse lengolo v le mo kopang v hore a mpe a busetse lenyalo la Rasello le Lucie morao. 
KAPA
Ho bolelwa hore baratani bao bobedi ... ba ... arohane, ha ho sa okgelanwa mollo.
Lucie a mpe a kgutlise maikutlo tabeng ena hle.
Motho a bolella /jwetsav (ntate) moruti hore jwale ena/(eo) taba e ba emisa dihlooho. 
kapa
Motho a re ho ntate moruti jwale ena/eo/eno taba e ba emisa dihlooho.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
